1 Samuele 8:14-22 BIBELE (SSO89SO)

14. E tla nka masimo a lona a matle ka ho fetisisa a morara, le a mohlwaare, e a nee bahlanka ba yona.

15. E tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro ya lona le tsa morara wa lona, e e nee balaodi ba yona le bahlanka ba yona.

16. E tla nka bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le ditonki tsa lona tse ntle ka ho fetisisa, mme tsena tsohle e di sebedise.

17. Kgosi e tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa mehlape ya lona ya dikgutshwane, mme lona le tla ba bahlanka ba yona.

18. Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.”

19. Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang,

20. e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.”

21. Samuele a mamela dipuo tsohle tsa setjhaba, mme a di bolella Morena.

22. Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.”Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.”

1 Samuele 8