1 Samuele 8:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Samuele a se a tsofetse, a bea bara ba hae hore e be baahlodi ba Baiseraele.

2. Lebitso la mora wa hae wa matsibolo e ne e le Joele, lebitso la mora wa hae wa bobedi e le Abiya. E ne e le baahlodi ba Beeresheba.

3. Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.

4. Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama.

5. Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”

6. Empa ntho ena ya se ke ya thabisa Samuele, ha ba re: “Re nee kgosi e tla re busa.” Yaba Samuele o rapela Morena.

7. Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.

8. Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo.

9. Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”

10. Samuele a phetela setjhaba se mo kopileng kgosi mantswe wohle a Morena.

11. A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.

12. E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa.

1 Samuele 8