9. Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae.
10. Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.
11. Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare.
12. Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”
13. Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.