7. Ha Bafilesita ba utlwa hore bana ba Iseraele ba bokane Misepa, dikgosi tsa Bafilesita tsa nyoloha, tsa futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele ba utlwa hona, mme ba tshoha Bafilesita.
8. Bana ba Iseraele ba re ho Samuele: “O se ke wa kgaotsa ho re rapella ho Morena, Modimo wa rona, hore a re namolele matsohong a Bafilesita.”
9. Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae.
10. Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.
11. Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare.
12. Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”