11. Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare.
12. Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”
13. Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.
14. Metse yohle eo Bafilesita ba neng ba e hapile ho Baiseraele ya boela ho Baiseraele hape, ho tloha Ekerone ho ya fihla Gate, mme Baiseraele ba lopolla naha ya bona matsohong a Bafilesita. Jwale kgotso ya eba teng pakeng tsa Baiseraele le Baamore.
15. Samuele ya eba moahlodi wa Baiseraele ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.
16. Ka selemo le selemo o ne a ye a tsamaye a potoloha ho ya Bethele, le Gilegale, le Misepa, mme a ahlolela Baiseraele dibakeng tseo tsohle.
17. O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.