6. Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela?
7. “Ka baka leo he, etsang koloi e ntjha, le nke le dikgomo tse pedi tsa ditswetse, tse esong ho ka di panwa, le di pane koloing, le kgethele manamane a tsona, le a kgutlisetse sakeng.
8. Le nke areka ya Morena, le e bee hodima koloi; dintho tse bopilweng ka kgauta, tseo le di romelang Modimo e le nyehelo e tlosang sebe, le di kenye ka letloleng, pela areka; ebe dikgomo di hula koloi, di ikela le yona ho se motho.
9. Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”
10. Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng.
11. Ba bea areka ya Morena hodima koloi, le letlole le kentseng ditweba tse bopilweng ka kgauta le ditshwantsho tsa mathopa a mokoteng.
12. Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.
13. Baahi ba Bete-Shemeshe ba ne ba hela koro ka kgohlong. Ha ba phahamisa mahlo ba bona areka, mme ba nyakalla ho e bona.