1 Samuele 6:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Balevi ba theola areka ya Morena, le letlole le pela yona, le neng le kentse dintho tse bopilweng ka kgauta, mme tsena ba di bea hodima lefika le leholo leo. Ka lona letsatsi leo, banna ba Bete-Shemeshe ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.

16. Ha dikgosi tsa Bafilesita di bone tsena, tsa kgutlela Ekerone ka lona letsatsi leo.

17. Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.

18. Palo ya ditweba tse bopilweng ka kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya dikgosi tse hlano tsa Bafilesita, e nang le diqhobosheane le e se nang diqhobosheane. Le kajeno-ya-bokajeno lefika le leholo, leo areka ya Morena e neng e bewe hodima lona, le ntse le le teng tshimong eo ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, e le bopaki ba se ileng sa etsahala.

19. Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.

20. Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?”

21. Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”

1 Samuele 6