1. Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.
2. Jwale ba nka areka eo ya Modimo, ba e kenya ka tempeleng ya Dagone, ba e bea pela Dagone.
3. Ka le hlahlamang, ha baahi ba Ashedode ba tsoha ka madungwadungwana, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Ba nka Dagone, ba boela ba mmea ditulong tsa hae.