1 Samuele 4:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane.

14. Ha Eli a utlwa lerata la seboko seo, a re: “Morusu o lerata oo ke wa eng?”Monna eo a potlaka, a tla ho Eli, a fihla a mmolella.

15. Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone.

16. Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.”Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?”

17. Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”

18. Yare ha eo a bua ka areka ya Modimo, Eli a wa setulong sa hae ka sanketse, a wela kgorong ya motse, a robeha molala, a shwa, hobane e ne e le monnamoholo wa pesola. E ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane.

19. Ngwetsi ya Eli, e leng mohatsa Finease, e ne e le moimana, a se a le lekgatheng la ho itshihlolla. Yare ha a utlwa ditaba tsa hore areka ya Modimo e hapilwe, le hore matsalae Eli le monna wa hae le bona ba shwele, a tshwarwa ke mahlaba a pelehi hanghang, mme a beleha.

20. Ha a le lekgatheng la ho shwa, basadi ba neng ba eme pela hae, ba re: “Se tshabe letho, hobane o belehile mora.” Empa a se ke a ba araba, leha e le ho natsa seo ba se buang.

21. Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae.

22. A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!”

1 Samuele 4