1 Samuele 4:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.

2. Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo.

3. Ha bahlabani ba se ba kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele ba re: “Ebe ke ka baka lang ha Morena a entse hore re hlolwe ke Bafilesita kajeno? A re yeng Shilo, re yo lata areka ya selekane sa Morena, e le hore Morena a tle a be hara rona, a re lopolle matsohong a dira tsa rona.”

4. Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo.

5. Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.

6. Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong.

7. Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena!

8. A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.

9. Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”

1 Samuele 4