1 Samuele 31:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.

7. Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.

8. Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.

9. Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa seaparo sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita, ho phatlalatsa taba ena ka ditempeleng tsa medimo ya bona ya bohata, le hara setjhaba sohle.

10. Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane.

11. Ha baahi ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule,

12. banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng.

13. Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamarisika se Jabeshe, ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

1 Samuele 31