1 Samuele 31:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.

4. Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.”Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.

5. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, ba shwa bobedi.

6. Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.

7. Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.

8. Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.

1 Samuele 31