3. Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa.
4. Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.
5. Basadi ba Davida ba babedi, e leng Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele, le bona e ne e le bathopuwa.
6. Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.
7. Yaba Davida o re ho moprista Abiatare, mora wa Ahimeleke: “Ako ntlisetse setipe!” Kahoo Abiatare a tlisetsa Davida setipe.
8. Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?”Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”
9. Kahoo Davida a ya, a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, mme ba fihla molatswaneng wa Besore, moo ba kgathetseng ba ileng ba sala teng.
10. Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala.
11. Ba fumana monna wa Moegepeta a le hara naha, ba mo isa ho Davida, ba mo fa bohobe, a ja; ba mo fa le metsi, a nwa.
12. Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.
13. Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?”Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula.