1 Samuele 30:22-31 BIBELE (SSO89SO)

22. Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”

23. Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona.

24. Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.”

25. Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

26. Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”

27. E ne e le mpho ya ba Bethele, le ba ka borwa ho Ramote, le ba Jatire,

28. le ba Arowere, le ba Sifemoto, le ba Eshetemoa,

29. le ba Rakale, le ba metseng ya Bajerahemeele, le ba metseng ya Bakene,

30. le ba Horema, le ba Bore-Ashane, le ba Atake,

31. le ba Heborone, le ba dibaka tsohle tseo Davida le banna ba hae ba kileng ba hlwahlwaela ho tsona.

1 Samuele 30