1 Samuele 30:12-26 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

13. Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?”Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula.

14. Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”

15. Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?”Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.”

16. Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.

17. Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.

18. Davida a kgutlisa tsohle tse neng di hapilwe ke Baamaleke, a ba a lopolla le basadi ba hae ba babedi.

19. Ba fumana tsohle di ntse di le kaofela: Bara le baradi, le kgapo, le eng kapa eng eo Baamaleke ba neng ba e hapile. Davida a ba hlatsisa tsena tsohle.

20. Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!”

21. Jwale Davida a fihla ho banna ba makgolo a mabedi, ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho mo latela, mme ba sala molatswaneng wa Besore. Banna bao ba ya kgahlanyetsa Davida le batho bao a neng a ena le bona. Ha Davida a atamela pela banna bao a ba dumedisa.

22. Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”

23. Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona.

24. Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.”

25. Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

26. Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”

1 Samuele 30