13. Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.
14. Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.”
15. Samuele a robala ho fihlela hoseng; yaba o bula mamati a ntlo ya Morena. Empa Samuele a tshaba ho bolella Eli pono eo.
16. Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!”Samuele a re: “Ke nna enwa.”
17. Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.”
18. Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”
19. Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.
20. Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena.
21. Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.