1. Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.
2. Ka tsatsi le leng Eli o ne a robetse moo a neng a robala teng. Mahlo a hae a ne a se a qala ho foufala, hoo a neng a se a sa bone hantle.
3. Lebone la Modimo le ne le eso ka le tima, Samuele yena a robetse ka Tempeleng ya Morena, moo areka ya Modimo e neng e le hona teng.
4. Morena a bitsa Samuele, mme Samuele a re: “Ke nna enwa!”
5. Samuele a mathela ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!”Eli a re: “Ha ke a o bitsa; tsamaya o yo robala.” Yaba o a tsamaya, o ilo robala.
6. Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!”Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.”
7. Samuele o ne a eso ka a tseba Morena; le lentswe la Morena o ne a eso ka a le senolelwa.
8. Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!”Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana.
9. Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala. Haeba a ka o bitsa hape, o tle o re: <Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.> ” Samuele a tsamaya, a fihla a robala moo a neng a ntse a robetse teng.
10. Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!”Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”
11. Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
12. Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong.