2. Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!”Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.”
3. Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.
4. Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.
5. Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko.
6. Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.
7. Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.”Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”
8. Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.”
9. Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?”
10. Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”
11. Jwale mosadi eo a re: “Ke o tsosetse mang?”Saule a re: “Ntsosetse Samuele.”