1 Samuele 28:13-21 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?”Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.”

14. Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?”Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.”Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.

15. Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?”Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.”

16. Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao?

17. Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida,

18. hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.

19. Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”

20. Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je.

21. Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona.

1 Samuele 28