1 Samuele 27:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Davida a dula naheng ya Bafilesita selemo le kgwedi tse nne.

8. Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.

9. Davida a bolaya batho bohle ba naha eo. O ne a ye a se ke a siya monna kapa mosadi a ntse a phela; a hape dinku, le dikgomo, le ditonki, le dikamele, esita le diaparo, ebe jwale o kgutlela ho Akishe.

10. Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.”

11. Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita.

12. Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlank wa ka kamehla yohle.”

1 Samuele 27