15. Davida a re ho Abinere: “Na o mohale? Ke mang ya kang wena moo naheng ee ya Iseraele? Jwale ke ka baka lang o sa sireletsang monga hao, e leng kgosi? Motho o sa tswa tloha mono diahelong tsa lona, a ilo bolaya kgosi, e leng monga hao.
16. Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?”
17. Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?”Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.”
18. Davida a boela a re: “Ke ka baka lang, monga ka, ha o ntso phaladisa mohlanka wa hao? Ke entseng? Kapa ke na le morero ofe o mobe?
19. Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: <Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.>