1. Basife ba fihla Gibea, ho Saule, ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lehwatata.”
2. Saule a tsamaya, a theohela lehwatateng la Sife, a ena le banna ba dikete tse tharo ba mokgetho wa Baiseraele, ho ya batla Davida lehwatateng la Sife.
3. Saule a hloma hodima leralla la Hakila, le pela tsela, lehwatateng. Davida o ne a ntse a le lehwatateng, mme a bona hore Saule o ntse a mo setse morao ho ya fihla lehwatateng leo.
4. Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng.
5. Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule.
6. Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?”Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”