4. Ha Davida a le lehwatateng, a utlwa hore Nabale o ntse a kuta dinku tsa hae.
5. Yaba Davida o roma bahlankana ba leshome, mme a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karamele, le ye ho Nabale, le ntumedisetse yena.
6. Le tle le re ho yena: <Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona!
7. “ <Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.
8. Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.> ”
9. Bahlankana ba Davida ba fela ba fihla, ba bua le Nabale ba le lebitsong la Davida, ba mmolella tsohle tseo a di buileng, yaba ba a kgutsa.
10. Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.
11. Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?”
12. Yaba bahlankana ba Davida ba kgutlela hae, ba fihla ba mmolella tsohle tseo Nabale a di buileng.
13. Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.
14. Empa e mong wa bahlankana a bolella Abikaele, mohatsa Nabele, a re: “Hela! Davida o ne a romme maqosa a tswang lehwatateng, ho tlisa ditumediso ho monga rona, empa monga rona a a kgobola.