35. Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”
36. Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.
37. Ka le hlahlamang, ha Nabale a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo phetela tsohle. Nabale a taboha letswalo, a ya le maidiidi.
38. Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa.
39. Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.”Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.
40. Bahlanka ba Davida ba fihla ho Abikaele a le Karamele, ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena, hore re tlo o lata, o yo ba mosadi wa hae.”
41. Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.”
42. Abikaele a ema ka potlako, a palama tonki, makgabunyane a hae a mahlano a tsamaya le yena; yaba ba latela baromuwa ba Davida, mme Abikaele ya eba mosadi wa Davida.
43. Davida a nka le Ahinoame wa Jesereele, bobedi ba bona ya eba basadi ba hae.
44. Saule o ne a ile a nka moradi wa hae Mikale, mohatsa Davida, a mo nea Paleti, mora wa Laishe, ya neng a ahile Galeme.