29. Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.
30. Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele,
31. o ke ke wa itshwabela, kapa wa tshwenyeha pelong, ka ho re o ile wa tsholla madi ntle ho lebaka, kapa wa iphetetsa ka bowena. Ha Morena a se a o atlehisitse, o tle o mpe o hopole lekgabunyane la hao.”
32. Davida a re ho Abikaele: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya ileng a o romela ho nna letsatsing lena.
33. Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka.
34. Ke hlapanya ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o ntsha kotsi, hore hoja wa se ke wa potlaka wa nkgahlanyetsa, ruri e ne etlare pele le tjhaba ho be ho se na monna le ya mong wa ba Nabale ya ntseng a phela.”
35. Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”
36. Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.
37. Ka le hlahlamang, ha Nabale a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo phetela tsohle. Nabale a taboha letswalo, a ya le maidiidi.
38. Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa.
39. Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.”Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.