24. A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele.
25. Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.
26. “Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.
27. Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka.
28. Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.
29. Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.
30. Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele,
31. o ke ke wa itshwabela, kapa wa tshwenyeha pelong, ka ho re o ile wa tsholla madi ntle ho lebaka, kapa wa iphetetsa ka bowena. Ha Morena a se a o atlehisitse, o tle o mpe o hopole lekgabunyane la hao.”