1 Samuele 25:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ba ne ba re sireletsa motsheare le bosiu.

17. Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”

18. Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.

19. A re ho bahlanka ba hae: “Tswelang pele, nna ke tla le sala morao.” Empa a se ke a bolella Nabale, monna wa hae.

20. Ha a ntse a palame tonki, a theosa kgohlo ya thaba, a bona Davida le banna ba hae ba theohela ho yena, mme a kopana le bona.

21. Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe.

22. Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”

23. Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.

1 Samuele 25