6. Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.
7. Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”
8. Saule a bitsa bahlabani bohle hore ba ye ntweng, ba theohele Keila, ba yo thibella Davida le banna ba hae.
9. Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”
10. Davida a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile hore Saule o tla Keila ho tla ripitla motse ona ka baka la ka.
11. Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna matsohong a Saule? Na Saule o tla fela a theohele kwano jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Ako tsebise mohlanka wa hao.”Morena a re: “O tla theohela.”
12. Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?”Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.”
13. Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.
14. Davida a phela diqhobosheaneng tse lehwatateng, le naheng e maralla e pela Sife. Saule a mo tsoma ka matsatsi wohle, empa Modimo ha a a ka a neelana ka Davida matsohong a hae.
15. Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife;
16. yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo.
17. Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”
18. Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.