3. Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Haesita re tshaba re sa le moo Juda, re tla tshaba ho le hokae ha re eya Keila ho lwantsha mabotho a Bafilesita?”
4. Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”
5. Yaba Davida o ya Keila a ena le banna ba hae. A lwantsha Bafilesita, a hapa dikgomo tsa bona, mme a ba etsa mofela. Davida a namolela baahi ba Keila ka mokgwa ona.
6. Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.
7. Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”
8. Saule a bitsa bahlabani bohle hore ba ye ntweng, ba theohele Keila, ba yo thibella Davida le banna ba hae.