1 Samuele 23:19-26 BIBELE (SSO89SO)

19. Jwale Basife ba nyoloha, ba ya ho Saule ha a le Gibea, ba re: “Davida o ipatile naheng ena ya rona, diqhobosheaneng tse Horeshe, lerallaneng la Hakila, le ka borwa ho lehwatata.

20. Ka baka leo he, kgosi ya ka, haeba o rata ho theoha, theoha, mme rona re tla neelana ka yena matsohong a hao.”

21. Saule a re: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane lona le nkutlwela bohloko.

22. Ke a le rapela he: Tsamayang, le yo batlisisa, le tsebe, le be le bone seforo sa hae. Le tsebe le hore na ke mang ya mmoneng moo, hobane ke boleletswe hore ke ramaqiti.

23. Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.”

24. Basife bao ba tsamaya, ba kgutlela Sife, ba etella Saule pele. Davida le banna ba hae ba ne ba le lehwatateng la Maone, phuleng e ka borwa ho lehwatata.

25. Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone.

26. Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.

1 Samuele 23