11. Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna matsohong a Saule? Na Saule o tla fela a theohele kwano jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Ako tsebise mohlanka wa hao.”Morena a re: “O tla theohela.”
12. Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?”Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.”
13. Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.
14. Davida a phela diqhobosheaneng tse lehwatateng, le naheng e maralla e pela Sife. Saule a mo tsoma ka matsatsi wohle, empa Modimo ha a a ka a neelana ka Davida matsohong a hae.
15. Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife;
16. yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo.
17. Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”
18. Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.
19. Jwale Basife ba nyoloha, ba ya ho Saule ha a le Gibea, ba re: “Davida o ipatile naheng ena ya rona, diqhobosheaneng tse Horeshe, lerallaneng la Hakila, le ka borwa ho lehwatata.
20. Ka baka leo he, kgosi ya ka, haeba o rata ho theoha, theoha, mme rona re tla neelana ka yena matsohong a hao.”