1 Samuele 22:8-10 BIBELE (SSO89SO)

8. ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.”

9. Jwale Doege wa Moedomo, eo e neng e le mookamedi wa badisana ba Saule, a araba, a re: “Ke ne ke bone mora wa Jese ha a fihla Nobe, ho Ahimeleke, mora wa Ahitube.

10. Ahimeleke a botsa Morena hore na Davida a etse jwang. A mo fa dijo, a ba a mo nea le sabole ya Goliate wa Mofilesita.”

1 Samuele 22