16. Kgosi ya re: “Ruri wena, Ahimeleke, le ba lelapa la ntatao, le tla bolawa!”
17. Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.”Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.
18. Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene.
19. A bolaya le baahi ba motse wa Nobe ka sabole, le dikgomo, le ditonki, le dinku.
20. Empa Abiatare, e mong wa bara ba Ahimeleke, mora wa Ahitube, a phonyoha, mme a balehela ho Davida.
21. Abiatare a bolella Davida hore Saule o bolaile baprista ba Morena.
22. Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka.