1 Samuele 22:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Saule a re ho Ahimeleke: “Mamela jwale, wena mora wa Ahitube.”Ahimeleke a re: “Ke nna enwa, monga ka.”

13. Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!”

14. Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae?

15. Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!”

1 Samuele 22