1 Samuele 22:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena.

2. Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.

3. Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.”

4. Davida a tlisa ntatae le mmae kapele ho kgosi ya Moabe, ba dula le kgosi eo ka nako yohle eo Davida a neng a ntse a le qhobosheaneng ka yona.

5. Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.

6. Saule a utlwela hore Davida le banna ba tsamayang le yena ba fumanwe. Saule o ne a le Gibea, a dutse leralleng, tlasa sefate sa tamarisika. Letsohong o ne a tshwere lerumo. Bahlanka ba hae bohle ba ne ba eme, ba mo potapotile.

7. Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,

1 Samuele 22