5. Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.”
6. Yaba moprista o fa Davida bohobe bo halalelang, hobane bo jewang bo ne bo le siyo, haese feela bohobe bo halalelang, bo neng bo tswa tloswa kapele ho Morena, ho bewa bo botjha ha boo bo tloswa.
7. Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.
8. Davida a re ho Ahimeleke: “Na ha o na lerumo kapa sabole? Nna ha ke a tla le sabole ya ka, kapa dihlomo tsa ka, hobane thomo ya kgosi e ne e potlakile.”
9. Moprista a re: “Sabole ya Goliate wa Mofilesita, eo o mmolaetseng ka kgohlong ya Ela, e teng mona, e phuthetswe ka lesela, katlasa setipe. Haeba o e nka, e nke, hobane ha ho e nngwe ntle ho yona.”Davida a re: “Ha ho e kang yona; nnee yona.”
10. Ka lona letsatsi leo Davida a ema a baleha ka baka la ho tshaba Saule, a ba a ya fihla ho Akishe, kgosi ya Gate.