1 Samuele 21:13-15 BIBELE (SSO89SO)

13. Moo batho ba mmonang, Davida o ne a ye a iketsise; ere ha ba mo tshwara a itlhantshe, a ngwapake mamati a kgoro ya motse, a tlohele diqhenqhe di dutlele ditelung tsa hae.

14. Yaba Akishe o re ho bahlanka ba hae: “Ha le ntse le bona hore motho eo o a hlanya, ke ka baka lang ha le ntse le mo tlisa ho nna?

15. Na ha ke na mahlanya, hoo le ka ntlisetsang motho eo hore a tlo hlanyetsa ho nna? Na ke motho wa ho kena ka tlung ya ka yena eo?”

1 Samuele 21