11. Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re:“ <Saule o bolaile ba hae ba dikete,Davida yena o bolaileba kete tsa dikete?> ”
12. Davida a boloka mantswe ana ka pelong ya hae, a tshaba Akishe, kgosi ya Gate haholo.
13. Moo batho ba mmonang, Davida o ne a ye a iketsise; ere ha ba mo tshwara a itlhantshe, a ngwapake mamati a kgoro ya motse, a tlohele diqhenqhe di dutlele ditelung tsa hae.
14. Yaba Akishe o re ho bahlanka ba hae: “Ha le ntse le bona hore motho eo o a hlanya, ke ka baka lang ha le ntse le mo tlisa ho nna?
15. Na ha ke na mahlanya, hoo le ka ntlisetsang motho eo hore a tlo hlanyetsa ho nna? Na ke motho wa ho kena ka tlung ya ka yena eo?”