1. Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?”
2. Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: <O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.> Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng.
3. Ekaba ho jewang? Na o na le dinkgwa tse hlano? Ako mphe tsona, kapa o mphe eng le eng e o nang le yona.”
4. Moprista a araba Davida, a re: “Ha ke na bohobe bo ka jewang, haese bohobe bo halalelang feela. Ebe bahlanka ba hao ha ba a robala le basadi?”
5. Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.”
6. Yaba moprista o fa Davida bohobe bo halalelang, hobane bo jewang bo ne bo le siyo, haese feela bohobe bo halalelang, bo neng bo tswa tloswa kapele ho Morena, ho bewa bo botjha ha boo bo tloswa.
7. Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.
8. Davida a re ho Ahimeleke: “Na ha o na lerumo kapa sabole? Nna ha ke a tla le sabole ya ka, kapa dihlomo tsa ka, hobane thomo ya kgosi e ne e potlakile.”