32. Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”
33. Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.
34. Jonathane a ema, a tloha dijong a tlokoma ke kgalefo, mme ka letsatsi lena la bobedi la kgwedi a se ke a ja letho. O ne a utlwile bohloko ka baka la Davida, le kahobane ntatae o ne a mo tlontlolotse.
35. Ka la hosasane Jonathane a ya naheng ka nako eo ba neng ba e ballane le Davida; a ya a ena le moshanyana.
36. A re ho moshanyana eo wa hae: “Matha, o yo batla metsu eo ke tla e betsa!” Ha moshanyana a matha, Jonathane a betsetsa motsu ka nqane ho yena.
37. Moshanyana a fihla moo Jonathane a betseditseng motsu teng. Jonathane a howeletsa moshanyana eo, a re: “Na motsu ha o ka nqela ho wena?”
38. Jonathane a howeletsa moshanyana, a re: “Matha, o potlake, o se ke wa dieha!” Moshanyana wa Jonathane a bokella metsu, a kgutlela ho monga hae.
39. Empa moshanyana yena o ne a sa tsebe letho; ke Jonathane le Davida feela ba neng ba tseba hore na hona ho bolelang.
40. Jonathane a nea moshanyana dihlomo tsa hae, a ba a re ho yena: “Di jare, o di ise motseng.”
41. Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.
42. Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: <Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!> ”
43. Davida a ema, a itsamaela. Jonathane yena a kgutlela motseng.