31. Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”
32. Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”
33. Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.
34. Jonathane a ema, a tloha dijong a tlokoma ke kgalefo, mme ka letsatsi lena la bobedi la kgwedi a se ke a ja letho. O ne a utlwile bohloko ka baka la Davida, le kahobane ntatae o ne a mo tlontlolotse.
35. Ka la hosasane Jonathane a ya naheng ka nako eo ba neng ba e ballane le Davida; a ya a ena le moshanyana.
36. A re ho moshanyana eo wa hae: “Matha, o yo batla metsu eo ke tla e betsa!” Ha moshanyana a matha, Jonathane a betsetsa motsu ka nqane ho yena.