23. Ha e le tabeng eo rona le wena re buileng ka yona, tseba hore Morena o pakeng tsa rona le wena kamehla yohle.”
24. Davida a ya ipata naheng. Ha kgwedi e se e thwasitse kgosi ya dula, ya eja.
25. Jwaloka kamehla, kgosi ya dula setulong sa yona se pela lebota. Jonathane a dula a shebane le kgosi, Abinere yena a dula lehlakoreng la Saule; feela setulong sa Davida ho ne ho se na motho.
26. Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.”
27. Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”
28. Jonathane a araba Saule, a re: “Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a ye Betlelehema,
29. a re: <Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso.> Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.”
30. Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!
31. Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”
32. Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”
33. Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.