1 Samuele 20:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.

18. Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho.

19. Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.

20. Nna ke tla betsetsa metsu e meraro ka nqa ya moo o ipatileng teng, jwalokaha eka ke betsa pakane.

21. Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: <Tsamaya o yo batla metsu yane.> Ha nka ka re ho moshanyana eo: <Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke!> jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.

22. Empa ha nka ka re ho moshanyana: <Bona, metsu e ka nqane ho wena!> wena o tle o tsamaye, hobane ke Morena ya reng o tsamaye.

23. Ha e le tabeng eo rona le wena re buileng ka yona, tseba hore Morena o pakeng tsa rona le wena kamehla yohle.”

24. Davida a ya ipata naheng. Ha kgwedi e se e thwasitse kgosi ya dula, ya eja.

25. Jwaloka kamehla, kgosi ya dula setulong sa yona se pela lebota. Jonathane a dula a shebane le kgosi, Abinere yena a dula lehlakoreng la Saule; feela setulong sa Davida ho ne ho se na motho.

1 Samuele 20