13. Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.
14. Ha ke ntse ke phela, o mpontshe lerato la Morena, empa haeba ke eshwa,
15. o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.”
16. Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”
17. Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.
18. Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho.
19. Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.