1 Samuele 20:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”

2. Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!”

3. Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: <Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.> Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”

4. Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”

5. Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.

6. Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: <Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.>

7. Haeba a ka re: <Ho lokile,> mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe.

1 Samuele 20