1. Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”
2. Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!”
3. Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: <Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.> Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”
4. Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”