4. “Diqha tsa bahale ba dinatladi robehile,ba kgothometsehilengba boetse ba matlafaditswe.
5. Ba neng ba kgora,ba sebeletsa bohobe,ba neng ba lapa ba a kgora;e, nyopa e tswetse bana ba supile,ya belehileng haholoo setse a itlhophere.
6. “Morena o a bolaya,o bile o a phedisa;o theolela Nqalong ya bafu,a ba nyolle teng hape.
7. Morena o a futsanehisa,o bile o a ruisa,o a kokobetsa,o bile o a phahamisa,
8. Mafutsana o a nyolla a le leroleng,bahloki o ba nyolla ba le moraheng,o ba dudisa mmoho le mahosana,terone ya tlotla e be lefa la bona;hoba tshiya tsa lefatsheke tsa Morena,o theile lefatshe hodima tsona.
9. O tataisa maoto a bahalaledi ba hae,athe ba kgopo ba tla timella lefifing,hobane mothoha a hlole ka matla a hae.
10. Dira tsa Morenadi tla tamukanngwa,ha Radiphahamaa thwathwaretsa a le lehodimong;Morena o tla ahlola batho bohle,a matlafatse kgosi ya hae,a tsose Motlotsuwa wa hae,a mo tsose molota!”
11. Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.
12. Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,
13. kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.
14. Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo.
15. E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”
16. Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”
17. Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.
18. Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.