12. Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,
13. kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.
14. Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo.
15. E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”
16. Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”
17. Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.
18. Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.
19. Ka selemo se seng le se seng mmae o ne a ye a mo etsetse kojwana, a mo tlisetse yona ha a nyoloha le monna wa hae ho tla nyehela ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng.
20. Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona.
21. Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.
22. Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng.
23. Eli a re ho bona: “Ke hobaneng ha le etsa dintho tse tjee? Setjhaba sena sohle se mpolella diketso tsa lona tse mpe.
24. Wee, bana ba ka, ditaba tseo ke utlwang setjhaba sa Morena se di phatlalatsa hohle, ha di ntle ho hang.
25. Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.
26. Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho.