1 Samuele 2:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Dira tsa Morenadi tla tamukanngwa,ha Radiphahamaa thwathwaretsa a le lehodimong;Morena o tla ahlola batho bohle,a matlafatse kgosi ya hae,a tsose Motlotsuwa wa hae,a mo tsose molota!”

11. Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.

12. Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,

13. kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.

14. Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo.

15. E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”

16. Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”

17. Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.

1 Samuele 2