1. Anna a rapela, mme a re:“Pelo ya kae nyakalletse Morena,ke tsoha molota ka ba ka la Morena;molomo wa kao tseba ho soma dira tsa ka,hobane ke nyakaladitsweke topollo ya hao.
2. “Ha ho ya halalelangjwaloka Morena,hobane ha ho e mongkantle ho wena,ha ho mosireletsiya kang Modimo wa rona.
3. “Kgaotsang dipuotsa boikgohomoso,boikalatiso bo se tswemelomong ya lona,hobane Morenake Modimo ya tsebang tsohle,diketso tsohle di ahlolwa ke yena.
4. “Diqha tsa bahale ba dinatladi robehile,ba kgothometsehilengba boetse ba matlafaditswe.
5. Ba neng ba kgora,ba sebeletsa bohobe,ba neng ba lapa ba a kgora;e, nyopa e tswetse bana ba supile,ya belehileng haholoo setse a itlhophere.